Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 7:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Leha ho le joalo, Faro a bitsa banna ba bohlale le baloi ’me baprista ba maselamose ba Egepeta+ le bona ba etsa ntho e tšoanang.+ 12 Kaofela ba lahlela melamu fatše eaba e fetoha linoha tse kholo empa molamu oa Arone oa koenya melamu ea bona.

  • Exoda 7:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Kapele-pele Moshe le Arone ba etsa feela joalokaha Jehova a laetse. Arone a phahamisa molamu ’me a otla metsi a Noka ea Nile ka pel’a Faro le bahlanka ba hae eaba metsi ’ohle a noka a fetoha mali.+

  • Exoda 7:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Leha ho le joalo, baprista ba maselamose ba Egepeta ba etsa ntho e tšoanang.+ Faro a ’na a ba manganga eaba ha a ba mamele feela joalokaha Jehova a ne a buile.+

  • Exoda 8:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Leha ho le joalo, baprista ba maselamose ba etsa ntho e tšoanang ’me le bona ba etsa hore linqanqane li nyolohele naheng ea Egepeta.+

  • Exoda 8:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Baprista ba maselamose le bona ba leka ho etsa menoang+ empa ba hloleha. Menoang ea ’na ea hlasela batho le liphoofolo.

  • 2 Timothea 3:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Banna bao ba hanyetsa ’nete ka tsela eo Janese le Jambrese ba ileng ba hanyetsa Moshe ka eona. Ba bolile likelello, Molimo ha a ba amohele hobane ha ba latele lithuto tse re thusang ho ba le tumelo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela