11 Ba beha baokameli ba mosebetsi o qobelloang hore ba sebelise Baiseraele ka thata+ ’me ba ba qobella ho hahela Faro metse ea polokelo e leng oa Pithome le oa Ramsese.+
7 Jehova a re: “Ke bone hore batho ba ka baa sotleha Egepeta ’me ke utloile sello sa bona se bakoang ke batho ba ba qobellang ho sebetsa. Ke tseba hantle bohloko boo ba bo utloang.+