Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 14:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Empa le se ke la fetohela Jehova ’me le se ke la tšaba batho ba naha eo+ hobane re tla ba hlola habonolo.* Ha ba sa na letho le ba sirelelitseng ’me Jehova o na le rona.+ Le se ke la ba tšaba.”

  • Deuteronoma 20:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 A re, ‘Mamelang lona Baiseraele, le haufi le ho loantša lira tsa lona. Le se ke la tšoha kapa la thothomela ka lebaka la tsona

  • 2 Likronike 20:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 A re: “Mamelang lona Bajuda bohle, baahi ba Jerusalema le Morena Josafate. Jehova o re ho lona: ‘Le se ke la tšosoa kapa la thothometsoa ke bongata bona hobane ntoa ha se ea lona ke ea Molimo.+

  • 2 Likronike 20:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ho ke ke ha hlokahala hore le loane. Le eme feela+ ’me le bone ha Jehova a le pholosa.+ Uena Juda le Jerusalema, le se ke la tšoha kapa la thothomela.+ Hosane le ba hlasele ’me Jehova o tla ba le lona.’”+

  • Pesaleme 27:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Jehova ke leseli la ka+ le mopholosi oa ka.

      Ke tla tšaba mang?+

      Jehova o sireletsa bophelo ba ka.+

      Ke tla tšosoa ke mang?

  • Pesaleme 46:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 46 Molimo ke setšabelo sa rona le matla a rona,+

      O re thusa kapele ha re le matšoenyehong.+

  • Esaia 41:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 U se ke oa tšoha kaha ke na le uena.+

      U se ke oa tšoenyeha hobane ke ’na Molimo oa hao.+

      Ke tla u matlafatsa, ke tla u thusa.+

      Ke tla u tšoara ka letsoho la ka le letona la ho loka.’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela