Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 15:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 Maqhubu a leoatle a ba koahetse. Ba tebetse tlase bolibeng joaloka lejoe.+

  • Exoda 15:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 U butsoetse moea oa hao, leoatle la ba koahela.+

      Ba teba joaloka tšepe e boima* metsing a mangata.

  • Deuteronoma 11:3, 4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ha baa ka ba bona lipontšo tsa hae le liketso tsa hae tseo a li entseng Egepeta ho Faro morena oa Egepeta le naheng eohle ea hae+ 4 kapa seo a se entseng ho masole a Egepeta, ho lipere tsa Faro le likariki tsa ntoa, tse ileng tsa koaheloa ke metsi a Leoatle le Lefubelu ha a ntse a le lelekisa ’me Jehova a a felisa ka ho feletseng.+

  • Joshua 24:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Ha ke ntša bo-ntate ba lona Egepeta+ ’me ba fihla leoatleng, Baegepeta ba ile ba lelekisa bo-ntate ba lona ka likariki tsa ntoa le banna ba palameng lipere ho ea fihla Leoatleng le Lefubelu.+ 7 Ba hoeletsa ho Jehova.+ Kahoo, ka beha lefifi pakeng tsa bona le Baegepeta ’me ka tlisa leoatle holim’a bona ’me la ba koahela+ eaba mahlo a lona a bona seo ke se entseng Egepeta.+ Le ile la lula lefeelleng ka lilemo tse ngata.*+

  • Nehemia 9:10, 11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Eaba u etsa lipontšo le mehlolo tse otlang Faro le bahlanka bohle ba hae le batho bohle ba naha ea hae+ kaha u ne u tseba hore ba ile ba hlorisa batho ba hao.+ U tsebahalitse lebitso la hao ’me le ntse le tsebahala le kajeno.+ 11 Oa arola leoatle ka pel’a bona ’me ba tšela har’a lona moo ho ommeng+ eaba u lahlela batho ba ba lelekisang botebong ba leoatle joaloka lejoe le lahleloang maqhubung a matla.+

  • Pesaleme 78:53
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 53 O ile a ba etella pele a ba sirelelitse,

      Ba ne ba sa tšabe letho.+

      Leoatle le ile la koahela lira tsa bona.+

  • Baheberu 11:29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Kaha batho ba Molimo ba ne ba e-na le tumelo, ba ile ba feta har’a Leoatle le Lefubelu joalokaha eka ba feta moo ho ommeng+ empa ha Baegepeta bona ba leka ho etsa joalo, metsi a ile a ba khama.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela