3Moshe ea e-ba molisa oa liphoofolo tsa Jethro+ moprista oa Midiane, eo Moshe e neng e le mokhoenyana oa hae. Ha a ntse a khannela liphoofolo ka bophirimela ho lefeella, qetellong a fihla Horebe thabeng ea Molimo oa ’nete.+
12 Molimo a re: “Ke tla ba le uena+ ’me pontšo ea hore ke ’na ea u romileng ke ena: Ka mor’a hore u ntše sechaba seo Egepeta, le tla sebeletsa* Molimo oa ’nete thabeng ena.”+