-
Exoda 27:1, 2Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
27 U etse aletare ka sefate sa leoka.+ E be bolelele ba limithara tse ka holimonyana ho tse peli* le bophara ba limithara tse ka holimonyana ho tse peli.* Aletare e be le mahlakore a mane a lekanang ’me e be bophahamo bo ka holimonyana ho mithara.*+ 2 U etse manaka+ lik’honeng tsa eona tse ’nè. Manaka ao e be karolo ea aletare ’me u koahele aletare ka koporo.+
-