Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 10:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Bara ba Arone e leng Nadabe le Abihu+ ba nka lipane tsa bona tsa mollo eaba ba tšela mashala a hlenneng ka har’a tsona ’me ba beha libano+ holim’a ’ona. Ba etsetsa Jehova nyehelo ea mollo e seng molaong.+

  • 2 Likronike 26:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ba re ho Morena Uzia: “Uzia ha oa lokela ho chesetsa Jehova libano.+ Ke baprista feela ba khethetsoeng ho li chesa hobane ke litloholo tsa Arone.+ Tsoa ka mona ka sehalalelong hobane ha oa tšepahalla Jehova Molimo ebile a ke ke a u tlotlisa.”

  • Ezekiele 8:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Baholo ba 70 ba Iseraele ba ne ba eme ka pel’a tsona ’me Jazania mora oa Shafane+ a eme har’a bona. E mong le e mong oa bona a tšoere pitsa eo ho chesetsoang libano ho eona ’me mosi o nkhang hamonate oa libano o ne o nyoloha.+ 12 A re ho ’na: “Mor’a motho, na u bona seo baholo ba Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong a le ka likamoreng tsa hae tse ka hare tse nang le litšoantšo tsa hae tse rapeloang? Ba re, ‘Jehova ha a re bone. Jehova o tlohile naheng ena.’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela