-
Exoda 8:5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Ka mor’a nako Jehova a re ho Moshe: “E-re ho Arone, ‘Otlollela letsoho leo u tšoereng molamu oa hao ka lona holim’a linoka, melatsoana ea Noka ea Nile le holim’a matamo a nang le lehlaka ’me u etse hore linqanqane li nyolohele naheng ea Egepeta.’”
-
-
Exoda 17:5, 6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Jehova a re ho Moshe: “Fetela ka pel’a sechaba ’me u nke baholo ba bang ba Iseraele le molamu oa hao oo u ileng oa otla Noka ea Nile ka oona.+ U o tšoare ka letsoho ’me u tsamaee. 6 Ke tla be ke eme ka pel’a hao moo lefikeng la Horebe. U otle lefika ’me metsi a tla tsoa ho lona e le hore sechaba se noe.”+ Moshe a etsa joalo moo baholo ba Iseraele ba ntseng ba bona.
-