-
Levitike 6:4, 5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 Haeba a entse sebe ’me a le molato, o lokela ho khutlisa ntho eo a e utsoitseng, eo a e nkileng ka mahahapa, eo a e nkileng ka bolotsana, e bolokiloeng ho eena kapa ntho e lahlehileng eo a e fumaneng 5 kapa ntho le ha e le efe eo a hlapantseng ka leshano ka eona. A e khutlise e feletse+ a be a eketse ka karolo e le ’ngoe ho tse ling le tse ling tse hlano ka holimo ho seo a lokelang ho se khutlisa. A li fe mong’a eona ka letsatsi leo ho pakoang hore o molato.
-
-
Numere 5:6, 7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 “Bolella Baiseraele, u re: ‘Haeba monna kapa mosali a etsa sebe leha e le sefe ’me a sa tšepahalle Jehova, motho eo o molato.+ 7 A* bolele+ sebe seo a se entseng* ’me a patale litšenyehelo tse feletseng bakeng sa molato oa hae. Hape a ntše karolo ea bohlano ea boleng ba tsona,+ a e fe motho eo a mo foselitseng.
-