Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 29:16-18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 U e hlabe ’me u nke mali a eona u a fafatse mahlakoreng ’ohle a aletare.+ 17 U sehe ramo eo likotoana ’me u hlatsoe mala+ a eona le litlhakoana tsa eona ’me u behe likotoana tsa eona hammoho, u li behe le hlooho ea eona. 18 U chese ramo eo kaofela u etse hore e kubelle holim’a aletare. Ke nyehelo ea secheso ea Jehova ’me monko oa eona o monate*+ ho eena. Ke nyehelo e chesetsoang Jehova.

  • Levitike 8:18-21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 A atametsa ramo ea nyehelo ea secheso ’me Arone le bara ba hae ba beha matsoho hloohong ea eona.+ 19 Moshe a e hlaba ’me a fafatsa mali mahlakoreng ’ohle a aletare. 20 A khabela ramo likotoana ’me a etsa hore hlooho, likotoana le mafura a potolohileng liphio* li kubelle. 21 Moshe a hlatsoa mala le litlhakoana ka metsi ’me a etsa hore ramo kaofela e kubelle aletareng. E ne e le nyehelo ea secheso e monko o monate.* E ne e le nyehelo e chesetsoang Jehova feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.

  • Levitike 9:12-14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Arone a hlaba phoofolo ea nyehelo ea secheso eaba bara ba hae ba mo fa mali a eona ’me a a fafatsa mahlakoreng ’ohle a aletare.+ 13 Ba mo fa nama ea nyehelo eo le hlooho ea eona ’me a li chesetsa aletareng hore li kubelle. 14 A hlatsoa mala le litlhakoana ’me a li chesetsa aletareng le nyehelo ea secheso e le hore li kubelle.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela