-
Numere 15:2-4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 “Bua le Baiseraele ’me u re ho bona, ‘Qetellong ha le fihla naheng eo ke le fang eona hore le lule ho eona,+ 3 le etsetse Jehova nyehelo ka mollo ho tsoa mohlapeng oa liphoofolo tse kholo kapa ho tsoa mohlapeng oa linku le lipoli e le hore le etsetse Jehova monko o monate.*+ Ebang ke nyehelo ea secheso,+ sehlabelo bakeng sa ho phetha boitlamo bo khethehileng, nyehelo ea boithaopo+ kapa nyehelo nakong ea mekete ea lona eo le e etsang ka linako tse itseng,+ 4 ea tlisang nyehelo ea hae a boele a tlisetse Jehova nyehelo ea lijo,* e leng lilithara tse peli* tsa phofo e sitsoeng hantle,+ e kopantsoeng le lithara e le ’ngoe* ea oli.
-