Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 29:1-3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Sena ke seo u tla se etsa ho ba halaletsa hore ba sebeletse e le baprista ba ka: Nka pohoana, liramo tse peli tse phetseng hantle,+ 2 bohobe bo se nang tomoso, mahobe a selika-likoe a lesoba hare a se nang tomoso a kopantsoeng le oli le liphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsoeng ka oli.+ U li etse ka phofo e sitsoeng hantle ea koro. 3 U li kenye ka basketeng+ ebe u li tlisa le poho le liramo tse peli.

  • Levitike 6:14, 15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ona ke molao oa nyehelo ea lijo:*+ Lona bara ba Arone le lokela ho e hlahisa ka pel’a Jehova ka pel’a aletare. 15 E mong oa bona a nke phofo e sitsoeng hantle, e tletseng seatla ea nyehelo ea lijo le oli e ’ngoe ea eona le libano tsohle tse tšoeu tse holim’a nyehelo ea lijo. A etse hore li kubelle holim’a aletare e le monko o monate* o emelang nyehelo eohle* ho Jehova.+

  • Numere 7:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang k’hilokramo e le ’ngoe le halofo,* le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba likramo tse 798* ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang.*+ Ka bobeli li ne li tletse phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela