Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 9:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Empa le se ke la ja nama e ntseng e e-na le mali, e leng bophelo ba eona.+

  • Levitike 3:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ho hang le se ke la ja mafura kapa mali.+ Ena ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa meloko ea lona, libakeng tsohle tseo le lulang ho tsona.’”

  • Levitike 17:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Haeba motho leha e le ofe oa ntlo ea Iseraele kapa molichaba ea lulang le lona a ja mali+ a ntho leha e le efe, ke tla mo halefela ’me ke tla mo bolaea har’a batho ba habo.

  • Deuteronoma 12:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Empa le se ke la ja mali.+ Le lokela ho a qhalla fatše joaloka metsi.+

  • 1 Samuele 14:33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Kahoo, Saule a tsebisoa ha thoe: “Bona batho ba siteloa Jehova ’me ba jelella nama le mali.”+ Eaba o re: “Ha lea tšepahala. Pitikisang lejoe le leholo le le tlise ho ’na hona joale.”

  • Liketso 15:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 empa ba ngolloe hore ba qobe lintho tse amanang le melimo ea litšoantšo,+ boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ liphoofolo tse fenethiloeng* le mali.+

  • Liketso 15:29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Le qobe lintho tse hlabetsoeng melimo ea litšoantšo,+ mali,+ lintho tse fenethiloeng*+ le boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ Haeba le qoba lintho tsena le tla atleha. Salang ka khotso.”*

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela