-
Deuteronoma 14:12-19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Empa tsena ke tseo le sa lokelang ho li ja: Ntsu, phakoe e jang litlhapi, lenong le letšo,+ 13 ’mankholi o mofubelu, ’mankholi o motšo, mefuta eohle ea ’mankholi, 14 mofuta o mong le o mong oa lekhoaba, 15 mpshe, sephooko, nonyana ea metsing, mofuta o mong le o mong oa phakoe, 16 sephooko se senyenyane, sephooko se litsebe li telele, khantši, 17 letata le jang litlhapi, lenong, seinoli, 18 mokotatsie, mofuta o mong le o mong oa kokolofitoe, popopo le ’mankhane. 19 Likokoanyana tsohle tse nang le mapheo le tsona ha lia hloeka bakeng sa lona. Le se ke la li ja.
-