Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 14:46, 47
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 46 Empa mang kapa mang ea kenang ka tlung matsatsing ao ho thibetsoeng hore ho kenoe ho eona,+ o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea+ 47 ’me mang kapa mang ea robalang ka tlung eo o lokela ho hlatsoa liaparo tsa hae ’me mang kapa mang ea jellang ka tlung eo o lokela ho hlatsoa liaparo tsa hae.

  • Levitike 15:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Haeba monna eo a tšoela motho ea hloekileng ka mathe, motho eo a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.

  • Levitike 17:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Haeba leha e le mang ebang ke Moiseraele ka tlhaho kapa ke molichaba, a ja phoofolo e fumanoeng e shoele kapa e bolailoeng ke phoofolo e hlaha,+ a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a itlhatsoe ka metsi, o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea,+ ka mor’a moo o tla hloeka.

  • Levitike 22:4-6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Ha ho monna leha e le ofe oa leloko la Arone ea nang le lepera+ kapa eo setho sa hae sa botona se lutlang+ ea lokelang ho ja lintho tse halalelang a e-s’o hloeke+ leha e le ea thetsang motho ea silafalitsoeng ke motho ea shoeleng+ kapa ea tsoang peo+ 5 kapa ea thetsang libopuoa tse sa hloekang tse tsamaeang e le sehlopha+ kapa ea thetsang motho ea sa hloekang ka lebaka leha e le lefe ebe oa mo silafatsa.+ 6 Motho ea thetsang leha e le efe ea lintho tsena o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea ’me a ke ke a ja leha e le efe ea lintho tse halalelang empa o lokela ho itlhatsoa ka metsi.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela