-
Deuteronoma 12:5, 6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Empa le ee sebakeng leha e le sefe seo Jehova Molimo oa lona a tla khetha ho beha lebitso la hae ho sona le ho lula teng har’a meloko eohle ea lona.+ 6 Ke moo le tla tlisa linyehelo tsa lona tsa secheso,+ mahlabelo a lona, likarolo tsa lona tsa leshome,+ monehelo oa lona,+ linyehelo tsa lona tsa boitlamo, linyehelo tsa lona tsa boithaopo+ le matsibolo a mohlape oa lona oa likhomo, oa linku le lipoli.+
-
-
Deuteronoma 12:13, 14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Le hlokomele hore le se ke la etsetsa linyehelo tsa lona tsa secheso sebakeng leha e le sefe seo le se bonang.+ 14 Le etsetse linyehelo tsa lona tsa secheso sebakeng feela seo Jehova a se khethang ho se seng sa libaka tsa maloko a habo lona ’me le etse lintho tsohle tseo ke le laelang tsona moo.+
-