Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 35:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Ka letsatsi le leng ha Iseraele a ntse a lula naheng eo, Rubene a robala le Bilha serethe* sa ntate oa hae eaba Iseraele o utloela ka taba eo.+

      Jakobo o ne a e-na le bara ba 12.

  • Genese 49:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 E ke ke ea e-ba uena e moholo kaha u bile joaloka metsi a loebehlanang. U hloelletse betheng ea ntate oa hao.+ U silafalitse* bethe ea ka. O ile a hloella ho eona!

  • Levitike 20:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Motho ea robalang le mosali oa ntate oa hae o tlotlolotse* ntate oa hae.+ Ka bobeli ba bolaoe. Ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.*

  • Deuteronoma 27:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Ho rohakoe motho ea robalang le mosali oa ntate oa hae hobane o tlotlolotse ntate oa hae.*+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)

  • 2 Samuele 16:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Akitofele a re ho Absalome: “Robala le lirethe* tsa ntate oa hao+ tseo a li siileng hore li hlokomele ntlo.*+ Ha Iseraele eohle e utloa hore u ikentse motho ea nyonyehang ho ntate oa hao, batho ba u tšehetsang ba tla u tšehetsa le ho feta.”

  • 1 Bakorinthe 5:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Ke utloile hore har’a lona ho na le ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ Le batho bao e seng balumeli ha ba etse boitšoaro bo bobe joalo ba hore monna a nke mosali oa ntate oa hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela