Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 19:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Ba ’na ba hoeletsa Lota ba re ho eena: “Banna ba tlileng ho uena bosiung boo ba kae? Ba tlise koano re tl’o etsa thobalano le bona.”+

  • Levitike 20:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ha monna a robala le monna joalokaha a robala le mosali, ka bobeli ba entse ntho e nyonyehang.+ Ba bolaoe. Ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.*

  • Baahloli 19:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Ha ba ntse ba ituletse hamonate, banna ba khopo ba motse ba pota-pota ntlo ’me ba otla lemati. Ba ’na ba re ho mong’a ntlo e leng monna-moholo: “Ntša monna eo ea ka tlung ea hao e le hore re etse thobalano le eena.”+

  • Baroma 1:26, 27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Kahoo, Molimo o ba tlohetse hore ba laoloe ke litakatso tsa bona tse soabisang tsa thobalano.+ Basali ba tlohetse ho etsa thobalano ka tsela ea tlhaho ’me ba sebelisa ’mele ea bona ka tsela eo e seng ea tlhaho.+ 27 Banna le bona ba se ba tlohetse ho robala le basali ’me ba lakatsana ka bobona, banna ba etsa lintho tse nyonyehang le banna ba bang+ ’me ba fumana kotlo* e feletseng bakeng sa liphoso tsa bona.+

  • 1 Bakorinthe 6:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo?+ Le se ke la khelosoa.* Batho ba tloaetseng ho etsa* boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba rapelang litšoantšo,+ ba febang,+ banna ba etsang thobalano le banna ba bang,*+ 10 masholu, batho ba sa khotsofaleng,*+ matahoa,+ ba litlhapa* kapa ba nkang lintho tsa batho ba bang ka mahahapa ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo.+

  • Juda 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ka tsela e tšoanang, baahi ba metse ea Sodoma le Gomora le ba metse e haufi le bona ba ile ba inehella boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano* le litakatso tseo e seng tsa tlhaho.+ Metse eo e ileng ea ahloloa ’me ea fuoa kotlo ea mollo o sa feleng,+ ke temoso ho rona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela