Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 20:17, 18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Le felise Bahethe, Baamore, Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse+ feela joalokaha Jehova Molimo oa lona a le laetse 18 e le hore ba se ke ba le ruta ho etsa lintho tsohle tse nyonyehang tseo ba neng ba li etsetsa melimo ea bona ’me ba etsa hore le siteloe Jehova Molimo oa lona.+

  • 2 Marena 16:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Akaze o ne a le lilemo li 20 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 16. O ne a sa tšoane le moholo-holo oa hae Davida ea neng a etsa lintho tse thabisang Jehova.+ 3 Empa o ile a etsa lintho tse neng li etsoa ke marena a Iseraele+ a ba a chesa* mora oa hae+ e le ha a etsisa mekhoa e nyonyehang ea lichaba+ tseo Jehova a li lelekileng ha Baiseraele ba ne ba hapa naha.

  • 2 Marena 21:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Manase+ o ne a le lilemo li 12 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 55.+ Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Hefziba. 2 O ile a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova ka hore a etse lintho tse nyonyehang tse neng li etsoa ke lichaba+ tseo Jehova a neng a li lelekile ha Baiseraele ba hapa naha.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela