Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 23:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 U se ke oa ba le khethollo nyeoeng ea motho ea futsanehileng.+

  • Deuteronoma 1:16, 17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ka nako eo, ka laela baahloli ba lona ka re, ‘Ha le mamela taba eo batho ba e tlisang ebang ke pakeng tsa Baiseraele ba babeli kapa pakeng tsa Moiseraele le molichaba+ ea lulang le lona, le ahlole ka toka.+ 17 Le se ke la ba leeme* ha le ahlola.+ Le mamele motho ea maemong a tlase joalokaha le mamela ea maemong a holimo.+ Ho se ke ha e-ba le motho ea le tšosang+ kaha kahlolo ke ea Molimo.+ Haeba nyeoe e le boima haholo le e tlise ho ’na ’me ke tla e mamela.’+

  • Deuteronoma 16:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Le se ke la sotha toka,+ la ba leeme+ kapa la amohela tjotjo hobane tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale+ ’me e sotha mantsoe a ba lokileng.

  • 2 Likronike 19:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 A re ho baahloli bao: “Le nahane ka seo le se etsang hobane ha le ahlolele motho empa le ahlolela Jehova ’me o na le lona ha le ahlola.+

  • Baroma 2:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Molimo ha a leeme.+

  • Jakobo 2:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Haeba le tsoela pele ho khetholla batho ba bang,+ le etsa sebe, le molao oa paka hore le molato.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela