Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 19:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ha le kotula lijalo tšimong ea lona, le se ke la kotula moeli oa tšimo ea lona ka ho feletseng ’me ha lea lokela ho thonaka se setseng.*+

  • Deuteronoma 24:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Ha u kotula tšimong ea hao ’me u lebetse ngata tšimong, u se ke oa khutla ho ea e nka. E lokela ho salla molichaba, khutsana le mohlolohali+ e le hore Jehova Molimo oa hao a ka u hlohonolofatsa linthong tsohle tseo u li etsang.+

  • Ruthe 2:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Ruthe oa Momoabe a re ho Naomi: “Ke kopa ho ea masimong ke e’o thonaka harese+ e setseng ka mor’a mang kapa mang ea tla nkhauhela.” Kahoo, Naomi a re ho eena: “Tsamaea morali oa ka.” 3 A tsamaea ’me a iphumana a le tšimong ea Boase,+ eo e neng e le oa lelapa la habo Elimeleke.+ Eaba o qala ho thonaka harese ka mor’a bakotuli tšimong.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela