-
Exoda 23:10, 11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Le jale peo masimong a lona ’me le bokelle seo le se kotutseng ho ’ona ka lilemo tse tšeletseng.+ 11 Empa ka selemo sa bosupa lea tlohele a sa lengoa ’me le se ke la etsa letho ho ’ona. Batho ba futsanehileng ho batho ba habo lona ba tla ja ho ’ona, tseo bafutsana ba li siileng li tla jeoa ke liphoofolo tsa naha. Ke seo le lokelang ho se etsa ka lirapa tsa lona tsa morara le meru ea lona ea mohloaare.
-