Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Jehova o tla le bulela ntlo ea hae e tletseng ea polokelo e leng maholimo, ho fa naha ea lona pula ka nako ea eona+ le ho hlohonolofatsa lintho tsohle tseo le li etsang. Le tla alima lichaba tse ngata chelete ea lona le hoja ho ke ke ha hlokahala hore le alime letho ho tsona.+

  • Esaia 30:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 O tla le nesetsa pula bakeng sa peo eo le e jalang mobung.+ Bohobe bo hlahisoang ke lefatše bo tla ba bongata ’me bo be le limatlafatsi.*+ Letsatsing leo, liphoofolo tseo le li ruileng li tla fula makhulong a maholo.+

  • Ezekiele 34:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Ke tla li hlohonolofatsa ke be ke hlohonolofatse sebaka se potolohileng leralla la ka+ hape ke tla etsa hore pula e ne ka nako ea eona. Ke tla nesa litlhohonolofatso joaloka pula.+

  • Joele 2:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Bana ba Sione, thabang le nyakalle ka lebaka la lintho tseo Jehova Molimo oa lona a tla li etsa,+

      Ka hoetla o tla le nesetsa pula eo le e hlokang,

      A le nesetse pula ea litloebelele,

      A le nesetse pula ea hoetla le ea selemo joaloka pele.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela