Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Jehova o tla etsa hore le hlole lira tsa lona tse le loantšang.+ Li tla le hlasela li hlaha lehlakoreng le le leng empa li tla le baleha ka mahlakore a supileng a fapaneng.+

  • Joshua 23:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Motho a le mong feela ho lona o tla lelekisa ba sekete+ hobane Jehova Molimo oa lona oa le loanela+ feela joalokaha a le tšepisitse.+

  • Baahloli 7:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Hang ha Gideone a utloa toro eo le tlhaloso ea eona,+ a inama ’me a rapela. Ka mor’a moo, a khutlela litenteng tsa Baiseraele a re: “Emang kaha Jehova o tla le thusa hore le hlole masole a Bamidiane.” 16 A arola banna ba 300 ka lihlopha tse tharo ’me kaofela ha bona a ba fa manaka+ le linkho tse kholo tse nang le mabone* ka hare.

  • Baahloli 15:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 A fumana lesapo la mohlahare oa tonki e tona e sa tsoa shoa, a le nka ’me a bolaea banna ba 1 000 ka lona.+ 16 Joale Samsone a re:

      “Ke bolaile lira ka lesapo la mohlahare oa tonki ’me ka li bokella ka etsa li qubu.

      Ke bolaile banna ba 1 000 ka lesapo la mohlahare oa tonki.”+

  • 1 Likronike 11:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Abishai+ abuti oa Joabe+ ea e-ba ea ka sehloohong ho ba bang ba bararo. O ile a bolaea batho ba 300 ka lerumo la hae. O ne a e-na le botumo bo tšoanang le ba banna bane ba bararo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela