14 Jehova a halefela Baiseraele haholo eaba o lumella lira tsa bona hore li ba hlole li be li ba nkele lintho tsa bona.+ A ba rekisetsa lira tse ba potolohileng+ ’me ba ne ba se ba sa khone ho itoanela khahlanong le lira tsa bona.+
10 Kahoo, Bafilista ba loana ’me ba hlola Baiseraele+ eaba kaofela ba balehela litenteng tsa bona. Ho ile ha bolaoa batho ba bangata. Ka lehlakoreng la Baiseraele ho ile ha shoa masole a 30 000.