-
Deuteronoma 29:22-24Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Ha moloko o tlang oa bara ba lona le balichaba ba tsoang naheng e hole ba bona likotlo tsa naha le maloetse ao Jehova a a tlisitseng naheng, 23 ba bona naha eohle e felisoa ka sebabole, letsoai le mollo ebile e sa jaloa kapa e sa beha kapa ho se na limela leha e le life tse melang ho eona, hoo e shebahalang joaloka Sodoma le Gomora,+ Adma le Zeboime+ tseo Jehova a ileng a li felisa ka bohale ba hae, 24 bona le lichaba tsohle ba tla re, ‘Ke hobane’ng ha Jehova a entse naha ee tjee?+ Ke’ng e entseng hore a halefe hakana?’
-
-
Jeremia 18:16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
E mong le e mong ea fetang pel’a eona o tla sheba a tšohile ’me a sisinye hlooho.+
-