Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 8:33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Ha sechaba sa hao sa Iseraele se hloloa ke lira tsa sona hobane se ile sa u fosetsa+ ’me se boela se khutlela ho uena, se rorisa lebitso la hao,+ se u rapela ebile se kopa hore u se hauhele se le ka tlung ena,+

  • Nehemia 9:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Bao e leng litloholo tsa Iseraele ba ikarola ho bohle bao e seng Baiseraele,+ ba ema ’me ba bolela libe tsa bona le liphoso tsa bo-ntate ba bona.+

  • Ezekiele 6:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ba phonyohileng ba tla nkhopola ba le lichabeng tseo ba isitsoeng botlamuoeng ho tsona.+ Ba tla hlokomela hore pelo ea ka e ile ea utloa bohloko hobane ha baa ka ba tšepahala* ’me ba ile ba mphuralla+ hape ba ne ba batla* litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang.+ Lintho tsohle tse mpe le tse nyonyehang tseo ba li entseng li tla ba soabisa.+

  • Daniele 9:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 re entse sebe, ra u fosetsa, ra etsa lintho tse khopo le ho u fetohela.+ Ha rea latela litaelo le likahlolo tsa hao.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela