3 Moshe a tla eaba o bolella sechaba mantsoe ’ohle a Jehova le melao+ eohle ea hae ’me sechaba sohle sa araba ka lentsoe le le leng sa re: “Lintho tsohle tseo Jehova a li buileng re ikemiselitse ho li etsa.”+
8 Moshe a nka mali ’me a fafatsa sechaba+ ka ’ona eaba o re: “Ana ke mali a selekane seo Jehova a se entseng le lona. Selekaneng sena le lumetse hore le tla mamela mantsoe ana ’ohle.”+
9 Ha ke nyolohela thabeng ho ea amohela matlapa a lejoe+ e leng matlapa a selekane seo Jehova a neng a se entse le lona,+ ke ile ka lula thabeng ka matsatsi a 40 le masiu a 40,+ ke sa je ebile ke sa noe metsi.