-
Levitike 19:20, 21Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 Joale haeba monna a etsa thobalano le mosali ’me mosali eo e le mosebeletsi ea tšepisitsoeng monna e mong empa a e-s’o lokolloe, ba fuoe kotlo. Leha ho le joalo, ba se ke ba bolaoa hobane mosali eo o ne a e-s’o lokolloe. 21 Monna eo a tlise ramo e le nyehelo ea hae ea molato+ ho Jehova monyako oa tente ea pokano.
-
-
Numere 6:12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 A inehele hape ho Jehova ’me a qale matsatsi a hae a Bonazari bocha ebe o tlisa ramo e nyenyane e nang le selemo e le nyehelo ea molato. Leha ho le joalo, matsatsi a seng a fetile a ke ke a baloa hobane o silafalitse Bonazari ba hae.
-