Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 12:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Moprista a e tlise ka pel’a Jehova ’me a etsetse mosali eo sehlabelo sa ho tšoareloa libe, o tla hloeka phallong ea hae ea mali. Ona ke molao bakeng sa mosali ea bang le ngoana oa moshanyana kapa oa ngoanana. 8 Empa haeba a ke ke a khona ho fana ka nku, a nke maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli,+ le leng bakeng sa nyehelo ea secheso le le leng bakeng sa nyehelo ea sebe. Moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe ’me o tla hloeka.”

  • Levitike 14:21, 22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Leha ho le joalo, haeba e le mofutsana ’me a kolla ntsi hanong, joale a nke ramo e le ’ngoe e nyenyane e le nyehelo ea molato bakeng sa nyehelo e tsokoang e le hore a iketsetse sehlabelo sa tšoarelo ea libe hammoho le k’hilokramo e le ’ngoe* ea phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo, tekanyo ea kopi e le ’ngoe* ea oli 22 le maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli, ho latela kamoo a khonang. Le leng e be la nyehelo ea sebe ’me le leng e be la nyehelo ea secheso.+

  • Levitike 15:13-15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Haeba ho lutla ho emisa ’me monna eo a hloeka, a bale matsatsi a supileng bakeng sa tlhoekiso ea hae, a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi a sa tsoa khuoa ’me o tla hloeka.+ 14 Letsatsing la borobeli, a nke maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli+ ’me a tle monyako oa tente ea pokano ka pel’a Jehova, a a fe moprista. 15 Moprista a fane ka ’ona e le nyehelo, le leng e le nyehelo ea sebe ’me le leng e le nyehelo ea secheso ’me moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe ka pel’a Jehova mabapi le ho lutla ha hae.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela