-
Genese 8:20, 21Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 Noe a hahela Jehova aletare+ ’me a nka liphoofolo tse ling ho tsohle tse hloekileng le libopuoa tse ling ho tsohle tse fofang tse hloekileng,+ a etsa linyehelo tsa secheso ka tsona aletareng.+ 21 Jehova a utloa monko o monate.* Jehova a re ka pelong: “Nke ke ka hlola ke rohaka* lefatše+ ka lebaka la motho hobane ka tlhaho motho o nahana lintho tse mpe ho tloha bocheng.+ Nke ke ka hlola ke felisa libopuoa tsohle joalokaha ke entse.+
-
-
Numere 15:2, 3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 “Bua le Baiseraele ’me u re ho bona, ‘Qetellong ha le fihla naheng eo ke le fang eona hore le lule ho eona,+ 3 le etsetse Jehova nyehelo ka mollo ho tsoa mohlapeng oa liphoofolo tse kholo kapa ho tsoa mohlapeng oa linku le lipoli e le hore le etsetse Jehova monko o monate.*+ Ebang ke nyehelo ea secheso,+ sehlabelo bakeng sa ho phetha boitlamo bo khethehileng, nyehelo ea boithaopo+ kapa nyehelo nakong ea mekete ea lona eo le e etsang ka linako tse itseng,+
-