23 Kahoo, Joshua a hapa naha eohle feela joalokaha Jehova a ne a tšepisitse Moshe+ ’me Joshua a fana ka eona e le lefa ho Baiseraele ka likarolo tsa eona hore ba e aroleloe ho ea ka maloko a bona.+ Eaba lintoa lia fela naheng eo.+
14Sena ke seo Baiseraele ba ileng ba se nka e le lefa naheng ea Kanana, eo moprista Eleazare le Joshua mora oa Nune le lihlooho tsa matlo a bo-ntate ba maloko a Baiseraele ba ileng ba ba fa eona e le lefa.+