15 Moshe a re ho ntate oa mosali oa hae: “Lebaka ke hore batho ba ntse ba tla ho ’na ho tla batla tataiso ea Molimo. 16 Ha ho e-ba le nyeoe, e tla ho ’na ’me ke ahlola pakeng tsa bona ebe ke ba tsebisa liqeto tsa Molimo oa ’nete le melao ea hae.”+
11 Jehova a bua le Moshe ba shebane mahlong+ joalokaha motho a bua le motho e mong. Ha a khutlela liahelong, Joshua+ mora oa Nune, e leng mosebeletsi le mohlanka+ oa Moshe, o ne a sa tlohe tenteng.
11 Mora oa mosali oa Moiseraele a qala ho hlompholla lebitso la Molimo* le ho le rohaka.*+ Kahoo, ba mo tlisa ho Moshe.+ ’Mè oa hae e ne e le Shelomithe, morali oa Dibri oa leloko la Dane. 12 Ba ile ba mo beha litlamong ho fihlela ba boleletsoe ka ho hlaka hore na qeto ea Jehova ke efe.+