Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 29:38
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 38 U nyehele tse latelang aletareng: Liramo tse peli tse nyenyane tse nang le selemo, u li nyehele letsatsi le letsatsi kamehla.+

  • Exoda 29:42
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 42 E be nyehelo ea secheso ea kamehla melokong eohle ea lona. E etsetsoe monyako oa tabernakele* ka pel’a Jehova moo ke tla itlhahisa ho lona ho bua le lona teng.+

  • 2 Likronike 2:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Ke haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Molimo oa ka hore ke nehelane ka eona ho eena. Ke moo ho tla chesetsoa libano tse nkhang hamonate+ ka pel’a hae le moo ho tla behoa bohobe+ le moo ho tla etsetsoa linyehelo tsa secheso teng hoseng le mantsiboea,+ ka lisabatha,+ ha khoeli e qala+ le ka linako tsa mokete+ tsa Jehova Molimo oa rona. Ena ke ntho eo Baiseraele ba lokelang ho lula ba e etsa.

  • Esdrase 3:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Le hoja ba ne ba tšaba batho ba linaha tse ba potolohileng,+ ba ile ba haha aletare ka thata setšeng sa eona sa pele ’me ba qala ho nyehela ho Jehova mahlabelo a secheso holim’a eona, mahlabelo a secheso a hoseng le a mantsiboea.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela