Exoda 34:22 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 22 U keteke Mokete oa Libeke ka lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng tsa kotulo ea koro ’me qalong ea selemo u keteke Mokete oa ho Bokella.*+ Deuteronoma 16:10 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 10 Joale le keteke Mokete oa Libeke oa Jehova Molimo oa lona+ ka ho tlisa linyehelo tsa boithaopo tse tsoang ho lona. Le fane ka tsona ho ea kamoo Jehova Molimo oa lona a le hlohonolofalitseng kateng.+ Liketso 2:1 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 2 Ha Mokete oa Pentekonta+ o ntse o tsoela pele, kaofela ba ne ba le sebakeng se le seng.
22 U keteke Mokete oa Libeke ka lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng tsa kotulo ea koro ’me qalong ea selemo u keteke Mokete oa ho Bokella.*+
10 Joale le keteke Mokete oa Libeke oa Jehova Molimo oa lona+ ka ho tlisa linyehelo tsa boithaopo tse tsoang ho lona. Le fane ka tsona ho ea kamoo Jehova Molimo oa lona a le hlohonolofalitseng kateng.+