Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 22:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Kahoo, baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tsamaea ba nkile tefo ea bonohe matsohong a bona ’me ba ea ho Balame+ eaba ba mo bolella molaetsa oa Balake.

  • Numere 25:1-3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Ha Baiseraele ba ne ba lula Shitime,+ sechaba se ile sa etsa thobalano le basali ba Moabe.+ 2 Basali bana ba ile ba mema sechaba hore se tle mahlabelong a melimo ea bona+ eaba sechaba se qala ho ja le ho inamela melimo ea bona.+ 3 Kahoo, Baiseraele le bona ba rapela Baale oa Peore+ eaba Jehova o ba halefela haholo.

  • Numere 25:17, 18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 “Hlaselang Bamidiane ’me le ba bolaee+ 18 hobane haesale ba le tšoenya ka liketso tsa bona tse mano ’me ba etsa hore le rapele Baale oa Peore.+ Ba ile ba le susumeletsa hore le etse sebe ba sebelisa Kozbi morali oa khosana ea Midiane, ea ileng a bolaoa+ letsatsing leo ho neng ho e-na le boloetse bo bolaeang Iseraele ka lebaka la ho rapela Baale oa Peore.”+

  • 1 Bakorinthe 10:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Hape re se ke ra etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano* joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa, hoo ba 23 000 ba ileng ba shoa ka letsatsi le le leng.+

  • Tšenolo 2:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Leha ho le joalo, ho na le lintho tse sa nthabiseng ka uena. Ho uena moo, ho na le ba mamelang lithuto tsa Balame+ ea ileng a ruta Balake+ ho lihela Baiseraele e le hore ba je lintho tse hlabetsoeng litšoantšo le ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela