Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 20:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 “Bua le Baiseraele o re, ‘Ikhetheleng metse ea setšabelo+ eo ke buileng le lona ka eona ka Moshe 3 e le hore ’molai ea bolaeang motho ka phoso kapa e se ka morero a ka balehela moo. E tla ba setšabelo bakeng sa lona ha le baleha motho ea amanang le motho ea bolailoeng.*+

  • Joshua 20:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Kahoo, ba fa Kedeshe+ e Galilea boemo bo halalelang sebakeng se lithaba sa Nefthali, Shikeme+ e sebakeng se lithaba sa Efraime le Kiriathe-arba+ e leng Hebrone, e sebakeng se lithaba sa Juda. 8 Sebakeng sa Jordane ka bochabela ho Jeriko, ba khetha Bezere+ lefeelleng le sebakeng se phahameng* ho tsoa lelokong la Rubene, ho tsoa lelokong la Gade ba khetha Ramothe+ e Gileade ’me ho tsoa lelokong la Manase+ ba khetha Golane+ e Bashane.

  • Joshua 21:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ba fa bara ba moprista Arone motse oa setšabelo bakeng sa ’molai+ e leng Hebrone+ le makhulo a eona, Libna+ le makhulo a eona,

  • Joshua 21:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Ba ba fa motse oa setšabelo bakeng sa ’molai+ e leng Shikeme+ hammoho le makhulo a eona lithabeng tsa Efraime, Gezere+ hammoho le makhulo a eona,

  • Joshua 21:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Ho tsoa halofong ea leloko la Manase, Bagershone+ ba malapa a Balevi ba ile ba fuoa motse oa setšabelo bakeng sa ’molai e leng Golane+ e Bashane hammoho le makhulo a eona le Beeshtera hammoho le makhulo a eona. E ne e le metse e ’meli.

  • Joshua 21:32
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 Ho tsoa lelokong la Nefthali: Motse oa setšabelo+ bakeng sa ’molai e leng Kedeshe+ e Galilea hammoho le makhulo a eona, Hamothe-dore hammoho le makhulo a eona le Kartane hammoho le makhulo a eona. E ne e le metse e meraro.

  • Joshua 21:36
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 36 Ho tsoa lelokong la Rubene: Bezere+ hammoho le makhulo a eona, Jahaze hammoho le makhulo a eona,+

  • Joshua 21:38
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 38 Ho tsoa lelokong la Gade:+ Motse oa setšabelo bakeng sa ’molai e leng Ramothe e Gileade+ hammoho le makhulo a eona, Mahanaime+ hammoho le makhulo a eona,

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela