-
Numere 4:15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Ha batho ba hlomolla litente tsa bona ’me ba tloha, Arone le bara ba hae ba koahele lintho tsa sebaka se halalelang le thepa eohle ea sebaka se halalelang.+ Ha ba qetile, bara ba Kohathe ba tle ba li nke+ empa ba se ke ba thetsa lintho tsa sebaka se halalelang, ho seng joalo ba tla shoa.+ Boikarabelo* ba bara ba Kohathe ke ho hlokomela lintho tsena tse amanang le tente ea pokano.
-
-
Numere 4:24-26Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
24 Lintho tsena ke tseo malapa a Bagershone a abetsoeng ho li hlokomela le ho li jara:+ 25 Ba jare masela a tente a tabernakele,+ lesela la tente ea pokano, lesela la tente le entsoeng ka matlalo a liqibi* le lesela la tente le ka tlas’a lona.+ Hape ba jare kharetene ea monyako oa tente ea pokano,+ 26 masela a lepeletseng a lebala,+ kharetene ea monyako oa keiti ea lebala+ le potolohileng tabernakele le aletare, lithapo tsa tsona tsa tente le lisebelisoa tsohle tsa tsona le lintho tsohle tse sebelisoang tšebeletsong ea eona. Ona ke mosebetsi oa bona.
-
-
Numere 4:31-33Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
31 Tsena ke lintho tseo ba lokelang ho li jara+ mabapi le tšebeletso ea bona ea tente ea pokano: Liforeimi+ tsa tabernakele, lipalo tsa eona,+ lipilara+ tsa eona le litšehetso tsa eona tse sekoti,+ 32 lipilara+ tse potolohileng lebala, litšehetso tsa tsona tse sekoti,+ litšepe* tsa tsona tsa tente+ le lithapo tsa tsona tsa tente hammoho le lisebelisoa tsohle tsa tsona le tšebeletso eohle e amanang le lintho tsena. U ba abele lisebelisoa tseo ba lokelang ho li jara ho ea ka mabitso a bona. 33 Ena ke tsela eo malapa a bara ba Merari+ a tla sebeletsa ka eona tenteng ea pokano. Ithamare mora oa moprista Arone+ e be motsamaisi oa mosebetsi oa bona.”
-