Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 13:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Hape ke tla etsa hore bana* ba hao ba be bangata joaloka lerole la lefatše, ha ho na motho ea tla khona ho ba bala.+

  • Genese 22:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 ke tla u hlohonolofatsa ’me ke etse hore bana* ba hao ba be bangata joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebopong la leoatle+ ’me ngoana* oa hao o tla nka metse* ea lira tsa hae.+

  • Genese 46:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Molimo a re: “Ke ’na Molimo oa ’nete, Molimo oa ntate oa hao.+ U se ke oa tšaba ho ea Egepeta hobane ke tla u etsa sechaba se seholo moo.+

  • Exoda 38:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Monna e mong le e mong ea neng a le har’a ba ngolisitsoeng ho tloha ka ba lilemo li 20 ho ea holimo,+ a tlisa silevera e etsang likramo tse ka bang tšelela* ho ea ka tekanyo e sebelisoang sebakeng se halalelang* ’me banna bana ba ne ba le 603 550.+

  • Numere 2:32
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 Bana ke Baiseraele ba neng ba ngolisitsoe ho ea ka mabitso a baholo-holo ba bona. Bohle ba litenteng ba ngolisitsoeng bakeng sa sesole e ne e le ba 603 550.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela