Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Likronike 15:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Baiseraele bohle ba ne ba tlisa areka ea selekane sa Jehova ba hoeletsa ’me ba thabile,+ ba letsa lenaka, literompeta,+ lisimbala ’me ba letsetsa holimo liletsa tse likhoele le liharepa.+

  • 2 Likronike 5:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Balevi bohle ba binang+ ba neng ba etelletsoe pele ke Asafe,+ Hemane,+ Jeduthune+ le bara ba bona le bana ba bo bona, ba ne ba apere lesela la boleng bo botle ba tšoere lisimbala, liletsa tse likhoele le liharepa. Ba ne ba eme ka bochabela ho aletare ’me ba e-na le baprista ba 120 ba letsang literompeta.+

  • 2 Likronike 7:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Baprista ba ne ba eme moo ba sebetsang teng le Balevi ba eme ka liletsa tsa ho binela Jehova.+ (Morena Davida o ne a entse liletsa tsena bakeng sa ho leboha Jehova le ho mo rorisa ka tsona “kaha lerato la hae ha le fele le ka mohla.”) Baprista ba ne ba letsetsa literompeta+ holimo ka pel’a bona, ha Baiseraele bohle ba ntse ba eme.

  • Esdrase 3:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Ka mor’a hore lihahi li etse motheo oa tempele ea Jehova,+ baprista ba ema ba apere liaparo tsa mosebetsi, bona le Balevi ba tšoere literompeta,+ bara ba Asafe ba tšoere lisimbala ’me ba rorisa Jehova ho ea ka taelo ea Morena Davida oa Iseraele.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela