17 Ke tla theoha+ ebe ke bua le uena moo.+ Ke tla nka o mong oa moea oa ka o halalelang+ ho uena ke o behe ho bona ’me ba tla u thusa ho jara moroalo oa sechaba e le hore u se ke oa o jara u le mong.+
9 Ha ba qeta ho tšela, Elia a re ho Elisha: “U batla ke u etsetse’ng pele ke tlosoa ho uena?” Elisha a re: “Ke kopa u mphe likarolo tse peli+ tsa moea o halalelang oo Molimo a u fileng oona.”+
15 Ha bara ba baprofeta ba Jeriko ba mo bona a tla le mane ba re: “Moea o halalelang oa Molimo o neng o le ho Elia o lutse ho Elisha.”+ Ba ea ho eena ’me ba khumama* ka pel’a hae.