Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 17:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Moshe a re ho Joshua:+ “Re khethele banna ’me u tsoe u e’o loantša Baamaleke. Hosane ke tla ema holim’a leralla ke tšoere molamu oa Molimo oa ’nete ka letsohong la ka.”

  • Exoda 24:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Moshe a tsamaea le Joshua mosebeletsi oa hae+ ’me Moshe a nyolohela thabeng ea Molimo oa ’nete.+

  • Exoda 33:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Jehova a bua le Moshe ba shebane mahlong+ joalokaha motho a bua le motho e mong. Ha a khutlela liahelong, Joshua+ mora oa Nune, e leng mosebeletsi le mohlanka+ oa Moshe, o ne a sa tlohe tenteng.

  • Numere 27:18-20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Kahoo, Jehova a re ho Moshe: “Nka Joshua mora oa Nune, monna ea nang le bokhoni ’me u behe letsoho la hao holim’a hae.+ 19 U mo emise ka pel’a moprista Eleazare le ka pel’a sechaba sohle ’me u mo khethe hore e be moeta-pele ka pel’a mahlo a sona.+ 20 U mo fe bolaoli* bo bong ba hao+ e le hore sechaba sohle sa Baiseraele se ka mo mamela.+

  • Deuteronoma 31:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Jehova Molimo oa lona ke eena ea tšelang pele ho lona, o tla felisa lichaba tsena ka pel’a lona ’me le tla li leleka.+ Joshua ke eena ea tla le etella pele hore le tšele+ feela joalokaha Jehova a buile.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela