Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 26:63, 64
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 63 Bana ke ba ileng ba ngolisoa ke Moshe le moprista Eleazare ha ba ne ba ngolisa Baiseraele lehoatateng la Moabe pel’a Jordane haufi le Jeriko. 64 Empa har’a bona, ho ne ho se na le ea mong ea ileng a ngolisoa ke Moshe le moprista Arone ha ba bala Baiseraele lefeelleng la Sinai+

  • Numere 32:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 ‘Banna ba tsoileng Egepeta ba lilemo li 20 ho ea holimo ba ke ke ba bona naha+ eo ke hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo+ hore ke tla ba fa eona hobane ha baa ka ba ntatela ka lipelo tsohle tsa bona,

  • Deuteronoma 1:35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 ‘Ha ho le ea mong oa banna bana ba moloko ona o khopo ea tla bona naha e ntle eo ke hlapantseng hore ke tla e fa bo-ntat’a lona.+

  • Pesaleme 95:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Kahoo, ka ikana ke halefile ka re:

      “Ba ke ke ba phomola le ’na.”+

  • Pesaleme 106:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 O ile a phahamisa letsoho, a ikana

      Hore o tla ba felisa lefeelleng,+

  • Baheberu 3:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ke bo-mang bao Molimo a ileng a ikana hore ba ke ke ba phomola le eena? Na ha se ba ileng ba hana ho mo mamela?

  • Baheberu 4:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Rona ba bontšitseng hore re na le tumelo, re phomola le eena hobane o ile a re ka ba sa kang ba mamela: “Kahoo, ka ikana ke halefile ka re: ‘Ba ke ke ba phomola le ’na.’”+ O ile a cho joalo le hoja a ile a qeta mesebetsi ea hae ho tloha ha lefatše le thehoa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela