-
Numere 3:25, 26Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
25 Boikarabelo ba bara ba Gershone+ ka tenteng ea pokano e ne e le ho hlokomela tabernakele+ le masela a eona a e koahelang+ ka hare le ka ntle, kharetene+ ea monyako oa tente ea pokano, 26 masela a lepeletseng+ a lebala, kharetene+ ea monyako oa lebala le potolohileng tabernakele le aletare, lithapo tsa tente le mosebetsi oohle o amanang le lintho tsena.
-
-
Numere 3:30, 31Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
30 Khosana ea lelapa bakeng sa malapa a Bakohathe e ne e le Elizafane mora oa Uziele.+ 31 Boikarabelo ba malapa ao e ne e le ho hlokomela Areka,+ tafole,+ seluloana sa lebone,+ lialetare,+ lisebelisoa+ tse sebelisoang sebakeng se halalelang, kharetene+ ea sehalalelo le ho etsa mosebetsi oohle o amanang le lintho tsena.+
-
-
Numere 3:36, 37Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
36 Boikarabelo ba bara ba Merari e ne e le ho hlokomela liforeimi+ tsa tabernakele, lipalo+ tsa eona, lipilara+ tsa eona le litšehetso tsa eona tse sekoti, lisebelisoa+ tsohle tsa eona le ho etsa mosebetsi oohle o amanang le lintho tsena,+ 37 hammoho le lipilara tse neng li potolohile lebala le litšehetso tsa tsona tse sekoti,+ litšepe* tsa tsona tsa tente le lithapo tsa tsona tsa tente.
-