Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 23:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 U tlise lihlahisoa tsa pele tse ntle ka ho fetisisa tse butsoitseng tse tsoang mobung ka tlung ea Jehova Molimo oa hao.+

      U se ke oa pheha potsanyane ka lebese la ’m’a eona.+

  • Levitike 27:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Haeba motho a fa Jehova phoofolo kapa motho kapa masimo, li ke ke tsa rekisoa kapa tsa lopolloa. Ke tsa Jehova ’me lia halalela ho eena.+

  • Levitike 27:30
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Le fe Jehova tse ling tsa lihlahisoa tsa naha ea lona ebang ke tse tsoang masimong kapa ke litholoana tsa lifate. Ho tse leshome+ le mo fe e le ’ngoe. Ke ntho e halalelang ho Jehova.

  • Numere 18:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Lintho tsena le tsona ke tsa hao: Limpho tseo ba fanang ka tsona+ hammoho le linyehelo tsohle tse tsokoang+ tsa Baiseraele. Ke li file uena le bara ba hao le barali ba hao e le kabelo eo le tla lula le e fumana.+ E mong le e mong ea hloekileng ka tlung ea hao a ka li ja.+

  • Numere 18:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 “U re ho Balevi, ‘Baiseraele ba tla le fa karolo ea leshome eo ke le fileng eona bakeng sa lefa la lona+ ’me ho tsoa karolong eo ea leshome le lokela ho nehela karolo ea leshome e le monehelo ho Jehova.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela