-
Levitike 5:11, 12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Haeba a sa khone ho fana ka maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli, a tlise lilithara tse ka bang peli*+ tsa phofo e sitsoeng hantle e le nyehelo ea hae ea sebe. A se ke a tšela oli ho eona kapa a beha libano tse tšoeu holim’a eona ka ha ke nyehelo ea sebe. 12 A e tlise ho moprista. Moprista a nke phofo e tlalang seatla e emelang nyehelo eohle* ’me a etse hore e kubelle aletareng holim’a linyehelo tsa Jehova tse chesoang ka mollo. Ke nyehelo ea sebe.
-
-
Levitike 6:25, 26Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
25 “E-re ho Arone le bara ba hae, ‘Ona ke molao oa nyehelo ea sebe:+ Nyehelo ea sebe le eona e hlabeloe sebakeng seo nyehelo ea secheso e hlabeloang ho sona+ ka pel’a Jehova. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa. 26 Moprista ea e nyehelang bakeng sa sebe a e je.+ E jelloe sebakeng se halalelang lebaleng la tente ea pokano.+
-