-
Nehemia 10:37Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
37 Re lokela ho tlisa lihlahisoa tsa pele tsa lijo tse kotutsoeng tse sitsoeng,+ nyehelo ea rona, litholoana tsa sefate sa mofuta o mong le o mong,+ veine e ncha le oli+ ho baprista litorong* tsa ntlo ea Molimo oa rona+ le karolo ea leshome e tsoang naheng ea rona ho Balevi+ kaha Balevi ke bona ba fumanang karolo ea leshome metseng eohle eo re lemang ho eona.
-
-
Nehemia 12:44Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
44 Letsatsing leo, ho ile ha behoa banna hore ba okamele litoro*+ bakeng sa menehelo,+ lihlahisoa tsa pele+ le likarolo tsa leshome.+ Ka har’a ’ona ba ne ba lokela ho bokella karolo ea lihlahisoa tse tsoang masimong a metse tse fuoang baprista le Balevi+ ho ea ka Molao,+ etsoe batho ba Juda ba ne ba thabile ka lebaka la baprista le Balevi ba neng ba sebeletsa.
-