21Jehova a re ho Moshe: “Bua le bara ba Arone e leng baprista ’me u re ho bona, ‘Ho se ke ha e-ba le moprista ea itšilafatsang ka hore a thetse motho ea shoeleng sechabeng sa habo.+
2 “Laela Baiseraele hore ba ntšetse ka ntle ho liahelo batho bohle ba nang le lepera,+ bohle ba lutlang+ ’meleng hammoho le batho bohle ba silafalitsoeng ke motho ea shoeleng.+
9 Empa haeba motho a ka shoella haufi le eena+ ka tšohanyetso ’me a mo thetsa ebe o silafatsa moriri o bontšang hore o inehetse ho Molimo,* a kute hlooho+ ea hae ka lehare letsatsing leo a hloekisoang ka lona. A e kute ka letsatsi la bosupa.
6 Ho ne ho e-na le banna ba neng ba sa hloeka ka lebaka la ho thetsa motho ea shoeleng+ ’me ba ne ba sa khone ho lokisa sehlabelo sa Paseka ka letsatsi leo. Kahoo, banna bao ba tla ho Moshe le Arone letsatsing leo+
19 Le hlome litente ka ntle ho liahelo ka matsatsi a supileng. E mong le e mong ea bolaileng motho le e mong le e mong ea ammeng ea bolailoeng,+ a itlhoekise+ ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa, lona le batlamuoa ba lona.