Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 19:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Joale motho ea hloekileng+ a nke hisopa+ ’me a e qopetse ka har’a metsi ’me ka oona a fafatse tente le lijana tsohle hammoho le batho ba neng ba le moo le motho ea ammeng masapo a motho ea shoeleng kapa ea ammeng motho ea bolailoeng kapa setopo kapa lebitla.

  • Baheberu 9:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Tente ena e tšoantšetsa lintho tse etsahalang ka nako ena.+ Ho tla fihlela hona joale, limpho le mahlabelo a nyeheloang+ tenteng eo, ha a etse hore motho ea etsang mosebetsi o halalelang a be le letsoalo le khutsitseng.+ 10 Limpho le linyehelo tseo li amana feela le lijo, lino le mekhoa e fapaneng ea ho hloekisa batho le lintho.*+ Melao eo e amana le lintho tse mona lefatšeng+ ’me e ile ea sebetsa ho fihlela nako ea ho lokisa lintho e fihla.

  • Baheberu 9:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Motho ea sa hloekang o hlaha a hloekile ho Molimo hobane feela moprista a sebelisa mali a lipoli le a lipoho+ le ho mo fafatsa ka molora oa khomo ea sethojana* ho mo hloekisa.+ 14 Mali a Kreste ’ona a bohlokoa le ho feta+ hobane ka thuso ea moea o halalelang,* o ile a fa Molimo bophelo ba hae e le sehlabelo se phethahetseng. Mali a hae a etsa hore re be le matsoalo a khutsitseng hobane re tlohetse mesebetsi e mebe+ e le hore re ka sebeletsa Molimo ea phelang.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela