Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 2:30-35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Empa Morena Sihone oa Heshbone ha aa ka a re lumella hore re fete hobane Jehova Molimo oa lona o ile a mo lumella hore a be manganga+ le hore pelo ea hae e thatafale e le hore a nehelane ka eena matsohong a lona joalokaha a entse hona joale.+

      31 Eaba Jehova o re ho ’na, ‘Bona, ke le file Sihone le naha ea hae. E nkeng hore e be ea lona.’+ 32 Ha Sihone a tsoa le sechaba sohle sa hae ho re khahlanyetsa ka ntoa Jahaze,+ 33 Jehova Molimo oa rona a nehelana ka eena ho rona ’me re ile ra mo hlola, ra hlola le bara ba hae le sechaba sohle sa hae. 34 Re ile ra hapa metse eohle ea hae ka eona nako eo ’me ra felisa motse o mong le o mong ho akarelletsa le banna, basali le bana. Ha ho na motho ea ileng a pholoha.+ 35 Re ile ra inkela feela mehlape hammoho le lintho tsa metseng eo re e hapileng.

  • Deuteronoma 29:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Qetellong le ile la fihla sebakeng sena eaba Sihone morena oa Heshbone+ le Oge morena oa Bashane+ ba a re futuhela empa ra ba hlola.+

  • Baahloli 11:19, 20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Ka mor’a moo, Baiseraele ba romela baromuoa ho Sihone morena oa Baamore, ea neng a busa Heshbone ’me Baiseraele ba re ho eena: “Re kopa u re lumelle hore re fete naheng ea hao re ee ha habo rona.”+ 20 Empa Sihone o ne a sa tšepe Baiseraele. Kahoo, ha aa ka a ba lumella hore ba fete naheng ea hae. Eaba Sihone o bokella masole a hae ’ohle, a hloma litente Jahaze ’me a loantša Baiseraele.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela